9 kgwedi le dinaledi ho busa bosiu; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
9 Kgwedi le dinaledi ho busa bosiu: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
Modimo a etsa mabone a mabedi, a maholo; lebone le leholo ya eba le busang motsheare, le lenyenyane ya eba le busang bosiu; mme a etsa le dinaledi.
haeba nkile ka boha tsatsi ha le phatsima, kapa kgwedi e tsamaya ka leredi la yona,
Motsheare ke wa hao, le bosiu ke ba hao; kgwedi le letsatsi o di beile, wa di bea madulong a tsona.
e bolelwa ka melomo ya bana le ya masea. O hahile qhobosheane ho thibela dira tsa hao, wa e haha ho sitisa sera le moiphetetsi.
Ha ke boha mahodimo a hao, mosebetsi wa diatla tsa hao, ke boha kgwedi le dinaledi tseo o di beileng madulong a tsona,
Morena ya re fileng letsatsi ho bonesa motsheare, a ba a beela kgwedi le dinaledi molao o sa fetoheng, wa hore bosiu di bonese, e be masedi, yena ya tuduanyang lewatle hore le hwase, eo bitso la hae e leng Morena wa mabotho, o bua tjena: