4 Ke yena a inotshi ya entseng dimakatso tse kgolo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
4 Yena a nnotshi ya entseng mehlolo e meholo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
yena o etsa dikgolo, mafeta-kutliwisiso-ya-motho, o etsa dimakatso, ntlhokapalo ke boiyane.
Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, e leng yena a inotshi ya etsang dimakatso.
hobane o moholo, o etsa dimakatso, ke wena Modimo o inotshi.
“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?
Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.