25 Ke yena ya fepang dibopuwa tsohle; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
25 Ya fang dibopuwa tsohle dijo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
O bokelle dijo tsohle tse tla jewa, o di kenye ka arekeng, e tle e be dijo tsa hao le tsa diphoofolo.”
Tsohle di lebeletse wena, hore o di fe dijo ka nako e lokelang.
Mahlo a bohle a lebeletse wena, hore o ba fepe ka nako e lokelang.
O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona, le madinyane a makgwaba ka tseo a di llelang.