Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 135:5 - BIBELE

5 Ruri ke a tseba hore Morena o moholo, Morena wa rona o moholo, o moholo ho medimo yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane ke tseba hoba Jehova o moholo, Morena wa rona o moholo haholo ho fetisa medimo yohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 135:5
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena wa rona o moholo, o matla haholo, kelello ya hae e ke ke ya lekanngwa.


Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


Morena ke Modimo e moholo, ke kgosi e kgolo, e phahametseng medimo yohle.


Wena Morena ya hodimodimo, ya phahametseng lefatshe lohle, o feta medimo yohle hole.


Modimo o dutse teroneng kahodima lefatshe, baahi ba lona ba tshwana le mehlwanyane. Mahodimo o a sarolotse jwalokaha eka ke lesira, a a ala sa tente eo ho phelwang ho yona.


“Jwale le ka ntekanya le mang? La re thaka ka yena ke mang?” ho rialo Ya Halalelang.


“Ka baka leo, ke laela hore batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ka nyefolang Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tsekollwe, matlo a bona a fetolwe masupi, hobane ha ho modimo e mong ya ka pholosang ka mokgwa ona.”


Morena Modimo wa lona, ke Modimo e moholo, ke Modimo wa medimo, ya matla, ya tshabehang. Ha a na leeme, ha a amohele tjotjo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ