Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 135:21 - BIBELE

21 Morena a ke a bokwe ke ba Sione, yena ya ahileng Jerusalema. Haleluja!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ba ntlo ya Levi, bokang Jehova! Lona ba tshabang Jehova, bokang Jehova! Jehova ya ikaheletseng Jerusalema a ke a bokwe Sione! Bokang Jehova!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 135:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida o ne a re: “Morena Modimo wa Iseraele, o phomoditse setjhaba sa hae, e le hore se tle se ahe Jerusalema kamehla.”


Empa ke kgethile Jerusalema hore ke tle ke kgumamellwe teng, mme ke kgethile Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’


O be o nke le silefera yohle, le kgauta yohle, eo o ka e fumanang naheng yohle ya Babilona, mmoho le dimpho tsa boithaopo tsa setjhaba, le tsa baprista, tse etsetswang Tempele ya Morena Modimo wa bona, e Jerusalema.


Morena a ke a o hlohonolofatse, a o hlohonolofatse a le Sione, o tle o bohe katleho ya Jerusalema ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hao.


Morena a ke a o hlohonolofatse, a o hlohonolofatse a le Sione, yena ya entseng mahodimo le lefatshe.


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e a halalelang.


Thaba ya Sione e a kgahleha, e kgahleha ka bophahamo ba yona, e thabisa lefatshe lohle; e ka leboya ho motse wa Kgosi e kgolo.


Seo re se utlwileng re bile re se bone motseng wa Morena wa mabotho, motseng wa Modimo wa rona, oo Modimo a o tiisitseng ka ho sa feleng.


Modimo o a tsejwa naheng ya Juda, lebitso la hae le leholo Iseraeleng.


Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”


“Ho ho phoso eo a e boneng ho Jakobo, ha ho bokgopo boo a bo boneng ho Iseraele. Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba a mo thoholetsa, ba re ke kgosi ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ