Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 134:1 - BIBELE

1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Tloong, le boke Morena, lona bahlanka bohle ba Morena, ba emang ka Tlung ya Morena, ba emang ka teng ka masiu wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bonang, le boke Jehova, lona bahlanka ba Jehova kaofela, ba emang le bosiu ka tlung ya Jehova!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 134:1
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, banna bao le bara ba bona, ba ne ba lebela menyako ya Tempele ya Morena, e leng Tente ya Morena.


Ba ne ba qeta bosiu ba potapotile Tempele ya Modimo, hobane ba ne ba laetswe ho e lebela, le ho e bula hoseng ho hong le ho hong.


Bao e neng e le dibini le dihlooho tsa malapa a Balevi, ba ne ba dula ka dikamoreng tsa Tempele, ba sa sebetse mesebetsi e meng, hobane bona ba ne ba sebetsa motsheare le bosiu.


Bara ba ka, se beng mahlaswa, hobane Morena o le kgethile hore le eme kapele ho yena, le mo sebeletse, le be basebeletsi ba hae ba mo tjhesetsang mokubetso.”


“Le eme Sehalalelong, ho ya ka dihlopha tsa malapa a bana babo lona, ho ya ka bo-ntata bona, bao e leng batho feela setjhabeng, mme sehlopha ka seng se be le wa lelapa la Balevi.


Bakabukiya le Uni, le bana babo bona, bona ba ne ba bina ba tobane le bo-Mataneya.


Bokang Morena, lona mabotho a hae wohle, lona basebeletsi ba hae ba phethang thato ya hae.


Haleluja! Lona bahlanka ba Morena, mo roriseng, le rorise lebitso la Morena.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho Morena, ha ke le matshwenyehong, mme o a nkaraba.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima dithabeng; ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ile ka thaba ha ho thwe ho nna: “A re yeng ka Tlung ya Morena.”


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima ho wena, wena ya dutseng teroneng, lehodimong;


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Hoja Morena a se ke a ba le rona, Iseraele a ke a rialo,


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ba tshepileng Morena ba jwaloka thaba ya Sione, e ke keng ya sisinngwa, e tiileng kamehla.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ha Morena a kgutlisa batho ba Sione, a ba kgutlisa bothopuweng, e ne e ka re a lora.


Pesalema ya Solomone. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haeba e se Morena ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lelea. Haeba e se Morena ya lebelang motse, ya o lebelang o fadimehela lefeela.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ho lehlohonolo bohle, bohle ba tshabang Morena, ba tsamayang ditseleng tsa hae.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haesale ba ntshwenya haholo ho tloha botjheng ba ka, Iseraele a ke a rialo,


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho wena Morena, ke le tlasetlase.


Moya wa ka o lebeletse Morena, ho feta balebedi ba lebeletseng meso, e, ho feta balebedi ba lebeletseng meso.


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, pelo ya ka ha e ikakase, mahlo a ka ha a ikgohomose; ha ke tsotelle dintho tse mphetang, leha e le tse makatsang, tse mphahametseng.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, ako hopole Davida, le ho hlopheha hohle ha hae,


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Bonang, ho hotle, ho monate hakaakang, ha bana ba motho ba phedisana ka kgotso!


Ho lehlohonolo ba phelang tlung ya hao, ba sa kgaotseng ho o rorisa.


Le tla hlola monyakong wa Tente ya Morena ka matsatsi a supileng, motsheare le bosiu, le etsa seo Morena a le laetseng sona, le tle le se ke la shwa, hobane ke laetswe jwalo ke Morena.”


Ya eba mohlolohadi ho fihlela a eba le dilemo tse mashome a robedi a metso e mene. O na sa tlohe Tempeleng, a sebeletsa Modimo bosiu le motsheare ka ho itima dijo le ka ho rapela.


Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.


Jwale teroneng ha tswa lentswe le reng: “Rorisang Modimo wa rona, lona bahlanka bohle ba hae, le lona ba mo tshabang, ba banyenyane le ba baholo.”


“Ke ka lebaka leo ba emeng kapele ho terone ya Modimo, mme ba mo sebeletsa motsheare le bosiu ka tempeleng ya hae. Ya dutseng teroneng o tla ba sireletsa leahong la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ