Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 133:2 - BIBELE

2 Ho jwaloka ole ya bohlokwa, ole e tlotsang hlooho, e keleketlelang ditedung, ditedung tsa Arone, e lepellelang molaleng wa seaparo sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho jwaloka ole e hlokwang, e tshelwang hloohong, e qhitsetsang ditedung, ditedung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong wa seaparo sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 133:2
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho molemo ha ke otlwa ke ya lokileng, ke kgalemelwa ke yena; hoo ke ole eo hlooho ya ka e ke keng ya e hana, ke tla nne ke rapele leha ba kgopo ba ntshwenya.


Lemenong la seaparo o tle o etse dikgarenate ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, ho se potoloha. Pakeng tsa tsona, ho potoloha, o etse mangenengene a kgauta;


O nke ole ya ho tlotsa, o e tshele hodima hlooho ya hae, ebe o a mo tlotsa.


Ka tsona o tle o etse mokubetso o tswakilweng jwaloka setlolo se tswakilweng ke setsebi sa ditlolo; o nokilweng ka letswai le hlwekileng, o halalelang.


Lemenong la seaparo ba etsa dikgarenate ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le ka le entsweng ka lene, le loehileng.


Ditlolo le menkwane di thabisa pelo ya motho, keletso e ntle ya motswalle le yona e thabisa jwalo.


Menkwane ya ditlolo tsa hao e nkga hamonate, bitso la hao le ka setlolo ha se qhatsitswe, hase feela barwetsana ba o dumang!


A tshela ole hodima hlooho ya Arone, a mo tlotsa hore a halalele.


Maria a nka halofo ya lethara ya setlolo sa nareda ya sebele, ya bohlokwa, a tlotsa maoto a Jesu, a mo hlakola maoto ka moriri wa hae, mme ntlo ya tlala monko wa setlolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ