Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 132:17 - BIBELE

17 “Teng ke tla bea setloholo sa Davida, ke se bee hore e be kgosi e matla, ke lokisetse Motlotsuwa wa ka lebone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke tla medisetsa Davida lenaka ho yona, ke lokisetse motlotsuwa wa ka lebone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 132:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mora wa hae yena ke tla mo nea morabe o le mong, e le hore Davida, mohlanka wa ka, a nne a buse kamehla motseng wa Jerusalema, e leng motse oo ke o kgethetseng hore ke be ho wona.


Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Morena Modimo wa hae, o ile a mo sitsa ka mora ya tla mo hlahlama, hore Jerusalema e nne e tiye;


Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa mmuso wa Juda ka baka la Davida, mohlanka wa hae, hobane a ne a mo tshepise hore yena, le ditloholo tsa hae, ba tla busa kamehla.


Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa ba lelapa la Davida, hobane o ne a ile a etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore yena le ditloholo tsa hae ba tla busa kamehla.


O tsositse setjhaba sa hae molota, ke seo batshepuwa ba hae ba ithorisang ka sona, bana ba Iseraele, setjhaba se leng haufi le yena. Haleluja!


Botshepehi ba ka le mohau wa ka di tla ba le yena, ka lebitso la ka o tla tsoha molota.


Bona dira tsa hao, Morena, bona, dira tsa hao di a timela; bohle ba kgopo ba a qhalanngwa.


“Mohla tsatsi leo, ke tla matlafatsa setjhaba sa Iseraele, ke rarolle leleme la hao, o bue moo bohle ba ntseng ba utlwa, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”


O re hlahiseditse Mopholosi ya matla tlung ya Davida, mohlanka wa hae,


Dira tsa Morena di tla tamukanngwa, ha Radiphahama a thwathwaretsa a le lehodimong; Morena o tla ahlola batho bohle, a matlafatse kgosi ya hae, a tsose Motlotsuwa wa hae, a mo tsose molota!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ