Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 132:15 - BIBELE

15 Ke tla hlohonolofatsa Sione ka nala, mafutsana a yona ke a fepe, ke a fepe, a kgore.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ke tla e fa nala, ba lesitsi ba yona ke ba kgorise bohobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 132:15
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ile a tima lenyora la ba nyorilweng, a kgorisa ba lapileng ka tse molemo.


O entse hore kgotso e be teng meeding ya hao, a o kgorisa ka koro e atlehileng.


Ke tla o rorisa phuthehong e kgolo, kapele ho ba o hlomphang, ke phethe dikano tsa ka.


Modimo, mohau wa hao ke wa bohlokwa hakaakang! Bana ba batho ba tshabela moriting, moriting wa mapheo a hao.


Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong nakong tse mpe, matsatsing a tlala ba tla kgora.


Tshepa Morena, o etse botle, o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.


Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.


ke yena ya tla phela bakeng tse phahameng, eo setshabelo sa hae e tla ba qhobosheane e thabeng. Dijo o tla di fuwa, a ke ke a hloka metsi.


Baprista ke tla ba fepa, ke ba fepe ka tse manoni, tjhaba sa ka se atelwe ke dimpho tsa ka tse ngata,” ho rialo Morena.


Le jetse haholo, empa la kotula hanyenyane; le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; le ya amohelang moputso, moputso oo ha o mo thuse ka letho.”


“Le ne le lebeletse tjhai e ngata, empa bonang! le kotutse hanyenyane feela. Kotulo eo le e tlisitseng hae, ke ile ka e senya. Ke ka lebaka lang ke entseng jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke entse jwalo ka baka la Tempele ya ka, e ntseng e le dithako, athe e mong le e mong wa lona yena o thahasella ntlo eo e leng ya hae.


Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!


Ho lehlohonolo ba lapetseng ho loka, ba ho nyoretsweng, hobane ba tla kgotsofatswa.


a kgorisa ba lapileng ka tse molemo, a kgutlisa ba ruileng ba se na letho,


Jwale ho tla tla Molevi, hobane yena ha a na lefa jwaloka lona; ho tle le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, e leng ba ahileng kahara metse ya lona; ba je, ba kgore, e le hore Morena Modimo wa lona, a tle a le hlohonolofatse mosebetsing wohle oo le o etsang.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ