“Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.
ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.
Motho ha a sa tla hlola a ruta ya ahisaneng le yena, leha e le ngwanabo, a re: ‘Tseba Morena,’ hobane ba tla ntseba bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang,” ho rialo Morena. “Ke tla ba tshwarela makgopo a bona, ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.”
Kamora moo bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Morena Modimo wa bona, le Davida, kgosi ya bona. Qetellong ba tla kgutlela ho Morena ba ntse ba tlakasela, mme ba amohele mahlohonolo a hae.
Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.
Seo ke se bolelang ke hore Modimo o ile a boelanya batho bohle ba lefatshe le yena ka Kreste, ka ho ba leballa dibe tsa bona, le ka ho re nea mosebetsi wa ho ba boelanya le yena.
Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”