Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena o lokile, hobane ke mona kajeno re mesaletsana e phonyohileng, mme re kapele ho wena re ntse re le hara melato ya rona, le hoja re ke ke ra ema kapele ho wena, ka baka la yona.”
Ha Morena a halefile, ya ka tiisetsang ke mang? Ha kgalefo ya Morena e tlokoma ya ka e mamellang ke mang? Kgalefo ya hae e tuka sa malakabe kapele ho yena mafika a a pshatleha.
Ebe ke mang ya ka tiisetsang tsa mohla letsatsi la ho tla ha hae? Hona ke mang ya ka emang a tiile ha a hlaha? Yena o jwaloka mollo wa sebopi kapa sesepa sa sehlatswi.