Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 13:5 - BIBELE

5 sera sa ka sa tshoha se re: “Ke mo hlotse,” le ba ntwantshang ba thabela ho wa ha ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Athe ke tshepile mohau wa hao. Twelo ya hao a e ke e thabise pelo ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 13:5
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moya wa ka o ngongorehela ho pholoswa ke wena, ke tshepile lentswe la hao.


o kgahlwa ke ba mo tshabang, le ba tshepileng mohau wa hae.


ke rapela wena Modimo wa ka. Ke o tshepile, ke se ke ka hlajwa ke dihlong; dira tsa ka di se ke tsa ntsheha.


Mahlomola a ya kgopo a mangata, athe ya tshepileng Morena o teetswe hare ke mohau wa hae.


Morena o beile leihlo la hae ho ba mo tshabang, bona ba tshepileng mohau wa hae,


ho loka ha hao ho jwaloka thaba tse telele, dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba, bodiba bo tebileng: Morena, o pholosa motho le yona phoofolo.


ha ke re: “Ba se ke ba ithabisa ka nna, ba ithorisa ha leoto la ka le thella.”


Oho, Modimo, ako bope ka ho nna, o bope pelo e hlwekileng, o kenye moya o motjha, o tiileng, o o kenye ka sefubeng sa ka.


Ba lokileng ba tla bona tsena, mme ba tshabe; ba tla mo tsheha, ba re:


Nkgauhele Morena, tadima kamoo ke hlophehileng kateng, ke hlophehile ka baka la ba ntlhoileng, wena ya nnyolotseng kgorong ya motse wa bafu,


Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”


nna ke tla nne ke ithabelle Morena, ke nyakallele Modimo, Mopholosi wa ka.


“Pelo ya ka e tlotlisa Morena, moya wa ka o nyakalletse Modimo, Mopholosi wa ka;


Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe.


Ipolokeng leratong la Modimo, le ntse le lebeletse hore mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o le ise bophelong bo sa feleng.


Anna a rapela, mme a re: “Pelo ya ka e nyakalletse Morena, ke tsoha molota ka ba ka la Morena; molomo wa ka o tseba ho soma dira tsa ka, hobane ke nyakaladitswe ke topollo ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ