Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 126:1 - BIBELE

1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ha Morena a kgutlisa batho ba Sione, a ba kgutlisa bothopuweng, e ne e ka re a lora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Enere Jehova ha a kgutlisa batshwaruwa ba Sione, ho rona ho bile jwaloka toro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 126:1
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba Jobo a rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a ena le tsona Morena a mmuseletsa tsona habedi.


Leha nka mo isa kgotla, yaba o a tla, ha ke dumele a ka ntshekehela tsebe.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho Morena, ha ke le matshwenyehong, mme o a nkaraba.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima dithabeng; ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ile ka thaba ha ho thwe ho nna: “A re yeng ka Tlung ya Morena.”


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima ho wena, wena ya dutseng teroneng, lehodimong;


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Hoja Morena a se ke a ba le rona, Iseraele a ke a rialo,


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ba tshepileng Morena ba jwaloka thaba ya Sione, e ke keng ya sisinngwa, e tiileng kamehla.


E se eka pholoho ya Iseraele e ka tswa Sione! Mohla Morena a kgutlisang setjhaba sa hae, a se kgutlisa bothopuweng, Jakobo o tla nyakalla, Iseraele le yena a thabe.


Jwale ba tla tshoha haholo, ba tshohe kantle ho lebaka, hobane Modimo o tla qhalanya masapo, masapo a ba neng ba o thibeletse. O tla ba hlabisa dihlong, mohla Modimo a ba lahlang.


Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Morena, o ile wa kgahlwa, wa kgahlwa ke lefatshe la hao, wa kgutlisa ba leloko la Jakobo, wa ba kgutlisa bothopuweng.


Le tla mphumana,’ ho rialo Morena, ‘mme ke tla le kgutlisa bothopuweng. Ke tla le phutha ditjhabeng tsohle le dinaheng tsohle tseo ke le leleketseng ho tsona,’ ho rialo Morena, ‘ke le kgutlisetse sebakeng seo ke neng ke le nke ho sona, ka le isa bothopuweng.’


ke ne ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, mme ke ne ke sa tlo kgetha e mong wa bara ba hae ho busa ditloholo tsa Aborahama le tsa Isaka le tsa Jakobo. Ke tla kgutlisa bathopuwa bothopuweng ba bona, ke boele ke ba hauhele.”


Le wena Juda, kahlolo e o emetse, mohla ke kgutlisang setjhaba sa ka.”


“Bonang, ka matsatsi ao, ka yona nako eo, ke tla atlehisa ba Juda le ba Jerusalema.


Empa ha ba utlwa hore o a phela, mme o bonwe ke Maria, ba se ke ba dumela.


Dipolelo tseo ya ka tshomo ho bona, mme ba se ke ba ba kgolwa.


Yare ha ba ntse ba sa dumele ke thabo, ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho ka jewang moo?”


A tswa, a le latela, a sa tsebe hore se etswang ke lengeloi ke nnete: A mpa a lekanya hore o bona pono.


Morena Modimo wa lona, o tla le kgutlisa bothopuweng, a le hauhele, mme a boele a le phuthe ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le qhalanyeditseng hara tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ