Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 125:4 - BIBELE

4 Morena, ako etse tse molemo, o di etsetse ba lokileng, le ba pelo di ntle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova, etsa molemo ho batho ba molemo le ho ba pelo tse lokileng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 125:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wena o molemo, o etsa tse molemo; ako nthute thato ya hao.


Pelo ya ka e ke e phethe thato ya hao ka ho tlala, ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong.


Ho lehlohonolo motho eo Morena a sa mmalleng molato, eo moya wa hae o se nang thetso.


Sediba sa bophelo se ho wena, mme ka sedi la hao re bona lesedi.


Ha o kgahlwe ke mahlabelo; leha nka o nyehella ka setjheso, o ke ke wa se amohela.


Bobe ba ba kgopo bo ke bo fele, mme o tiise ba lokileng, wena ya hlahlobang moya le pelo, wena Modimo ya lokileng.


Pesalema ya Asafo. Ruri Modimo o molemo ho Iseraele, e, le ho ba pelo di hlwekileng.


Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo.


Morena Modimo ke qhobosheane, ke thebe ya rona, o fana ka mohau le tlotla; ha ho letho le molemo leo Morena a ka le timang ba metsamao e hlwekileng.


Dikahlolo di tla boela di etswa ka toka, bohle ba pelo di ntle ba tla e latela.


Morena o molemo ho bohle ba mo tshepang, o molemo ho bohle ba mmatlang.


Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!”


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Leshano ha le a ka la fumanwa melomong ya bona; ha ba na letheba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ