Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 125:2 - BIBELE

2 Jwalokaha dithaba di teetse Jerusalema hare, le setjhaba sa hae, Morena o se teetse hare jwalo, ho tloha jwale le kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Dithaba di teela Jerusalema hare; Jehova o teela setjhaba sa hae hare jwalo, jwale le ka ho sa yeng kae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 125:2
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha.


Morena o tla o lebela ha o eya le ha o kgutla, ho tloha jwale le kamehla yohle.


Motho wa batho ha a ipiletsa ho Morena, Morena o a mo utlwa, o mo pholosa matshwenyehong wohle a hae.


Thaba ya Sione mmoho le ba phuthehelang ho yona, motsheare Morena o tla e sireletsa ka leru le ka mosi, bosiu a e bonesetse ka kganare ya mollo, bohle ba sireletswe ke tlotla ya hae.


Dikgosi tsa lefatshe di ne di sa kgolwe, le baahi bohle ba lefatshe ba sa kgolwe, hore kgoro tsa motse wa Jerusalema di ka kenwa, tsa kenwa ke sera, tsa kenwa ke mofutuhi!


Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo,’ ho rialo Morena, ‘ke be tlotla kahara yona.’


Leaho la hao ke Modimo wa mehla yohle, matsoho a mehla yohle a o tshehetsa; a phaladisa sera kapele ho wena, a o laela hore o se timetse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ