Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 123:4 - BIBELE

4 Re sonngwe ho feta tekanyo, ra songwa ke ba iketlang, re nyedisitswe ke ba ikgantshang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 moya wa rona o se o kgotshe ditshomo tsa baikakasi le dinyediso tsa baikgohomosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 123:4
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?”


Ba iketlileng ba nyedisa bomadimabe, ba re ke pheletso ya ba kgatheng la ho thella.


Hoja boemo ba ka e ne le ba lona, ke ne nka nna ka bua jwaloka lona, ka puo tse ngata ka le tlameletsa, ka ba ka thukuthela hlooho ya ka ho lona.


Baikgohomosi ba ntlaka haholo, empa ha ke furalle Molao wa hao.


Thothomelang, lona basadi ba iketlileng! Tlakaselang, lona barwetsana ba itshepileng! Hlobolang aparo tsa lona, itlameng matheka ka tse mahwashe!


Lona basadi ba iketlileng, tsohang le mamele lentswe la ka! Lona barwetsana ba itshepileng, mamelang seo ke se bolelang!


“Moabe e iketlile ho tloha botjheng ba yona, e ka veine eo ditshifa tsa yona di qitileng, e sa rokollelweng dinkgong ka ho fapana, le bothopuweng Moabe ha e eso ka e iswa; kahoo boleng ba yona e ntse le ba pele, le monko wa yona ha wa fetoha.


Na hase Moabe e neng e soma Baiseraele? Na e kila ba fumana ba le hara mashodu, hoo e thukuthang hlooho ha e bua ka bona?


“Boikgantsho ba Moabe re bo utlwile, boikgantsho bo boholo le mabela a yona, boikgantsho ba yona le bona boikakaso, esita le mabifi a pelo ya yona.


Lona ba iketlileng le le Sione le madimabe, le lona ba tshabetseng thabeng tsa Samaria; lona baetapele ba tjhaba se kapele ho tse ding, bao ntlo ya Iseraele e phallelang ho bona!


Baathene bohle le bajaki ba melata ba ne ba sa etse letho, haese ho bolela kapa ho utlwa ho hong ho hotjha.


Yare ha ba utlwa tsa tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: “Re sa tla o utlwa hape ka taba ena.”


Yare a sa ntsane a ikarabella, Fesetose a bua ka lentswe le phahameng, a re: “O a lora, Paulosi! Tsebohadi ena ya hao e a o hlantsha!”


ha ba re senya mabitso, re phaphatha kgotso. Re fetohile dithole ho lefatshe lohle, le manyala ho bohle, ho fihlela jwale.


Ha Mofilesita a ntse a qamaka, a bona Davida, mme a mo halala, hobane Davida e ne e le moshanyana, a le mosehla, sebopeho sa hae se kgahleha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ