Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 123:3 - BIBELE

3 Re hauhele Morena, re hauhele, hobane re nyedisitswe, ra nyediswa ho feta tekanyo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O re utlwele bohloko, Jehova, o re utlwele bohloko! Hobane re se re kgotshe sekgobo haholo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 123:3
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.


Ba fihla ba re ho Esaya: “Hesekiya o bua tjena: ‘Letsatsi lena ke la tsietsi, le la ho kgalemelwa, le la ho nyefolwa. Ke nako ya ho beleha bana, empa matla a ho ba beleha ha a yo.


Ho baeti le makgabunyane a lapa la ka, ke tadingwa ke le moeti, ke le molata.


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule.


O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


A se ke a thibela ya mo jabelang lerama, a mamelle mahlapa wohle a mo tlelang.


Ha nka ke ka hlola ke etsa hore o utlwe baditjhaba ba o soma, kapa ditjhaba di o nyefola, kapa ka etsa hore setjhaba sa heno se we, ho rialo Morena Modimo.’ ”


“Ka baka leo, porofetela naha ya Iseraele, mme o bue ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke bua ka kgalefo le ka lefufa, hobane le ile la nyefolwa ke baditjhaba.


Jwale Bafarisi, ba neng ba rata tjhelete, ba utlwa tseo tsohle, mme ba mo soma.


Batho ba ne ba eme ba tadimile. Le babusi ba ne ba mo phoqa, ba re: “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo, a ipholose!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ