Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 123:1 - BIBELE

1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima ho wena, wena ya dutseng teroneng, lehodimong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke phahamisetsa mahlo ho wena, ya dutseng mahodimong!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 123:1
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se le sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa o se tshwarele.


Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.


Modimo wa rona o mahodimong, o etsa tsohle tse mo kgahlang.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho Morena, ha ke le matshwenyehong, mme o a nkaraba.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima dithabeng; ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ile ka thaba ha ho thwe ho nna: “A re yeng ka Tlung ya Morena.”


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Hoja Morena a se ke a ba le rona, Iseraele a ke a rialo,


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ba tshepileng Morena ba jwaloka thaba ya Sione, e ke keng ya sisinngwa, e tiileng kamehla.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ha Morena a kgutlisa batho ba Sione, a ba kgutlisa bothopuweng, e ne e ka re a lora.


Pesalema ya Solomone. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haeba e se Morena ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lelea. Haeba e se Morena ya lebelang motse, ya o lebelang o fadimehela lefeela.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ho lehlohonolo bohle, bohle ba tshabang Morena, ba tsamayang ditseleng tsa hae.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haesale ba ntshwenya haholo ho tloha botjheng ba ka, Iseraele a ke a rialo,


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho wena Morena, ke le tlasetlase.


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, pelo ya ka ha e ikakase, mahlo a ka ha a ikgohomose; ha ke tsotelle dintho tse mphetang, leha e le tse makatsang, tse mphahametseng.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, ako hopole Davida, le ho hlopheha hohle ha hae,


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Bonang, ho hotle, ho monate hakaakang, ha bana ba motho ba phedisana ka kgotso!


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Tloong, le boke Morena, lona bahlanka bohle ba Morena, ba emang ka Tlung ya Morena, ba emang ka teng ka masiu wohle.


Morena, monga ka, mahlo a ka a tadimile ho wena, ke tshabela ho wena, se ntlohelle hore ke timele.


Ya dutseng teroneng, lehodimong, o a ba tsheha, Morena o a ba soma.


Mahlo a ka a tadimile Morena kamehla, hobane ke yena ya tshwasollang maoto a ka lerabeng.


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?


“Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “ ‘Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe;


“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ