Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 122:4 - BIBELE

4 Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko yohle ya Morena, ka taelo e neilweng Iseraele, hore e yo boka lebitso la Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko ya Jehova, ka taelo e neilweng Iseraele, ho roka lebitso la Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 122:4
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kenang dikgorong tsa hae le ntse le mmoka, le mabaleng a hae le ntse le mo rorisa; mo leboheng, le boke lebitso la hae.


Mpuleleng menyako ya Tempele, ke tle ke kene ka yona, ke boke Morena.


Morena o ikgethetse Sione, o ratile hore e be leaho la hae;


empa a kgetha leloko la Juda, thaba ya Sione eo a e ratang.


ke temoso eo a neng a e nee leloko, a e nea leloko la Josefa, mohla le tswang naheng ya Egepeta. Ka utlwa lentswe ke sa le tsebe, le re:


Arone a etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, a bea nkgo pela matlapa a ngotsweng Molao, hore e bolokwe.


“Hararo ka selemo banna bohle ba heno ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo.


Jwale Moshe a reteleha, a theoha thabeng, matsohong a nkile matlapa a mabedi a ngotsweng Molao. E ne e le matlapa a ngotsweng ka mahlakoreng a mabedi; a ngotswe ka nqena le ka nqane.


Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.


Empa le tla batla sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha merabeng yohle ya lona, e leng sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla ba ho sona, a dule ho sona. Le ye sebakeng seo.


“Hararo ka selemo, bohle ba lona ba batona ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha. Nakong ya mokete wa bohobe bo sa lomoswang, le nakong ya mokete wa dibeke, le nakong ya mokete wa maphephe, ho se be le ya mong wa lona ya tla hlaha kapele ho Morena a itsolokile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ