Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 121:8 - BIBELE

8 Morena o tla o lebela ha o eya le ha o kgutla, ho tloha jwale le kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Leha o ka tloha, leha o ka kgutla, Jehova o tla o baballa, jwale le ho isa ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 121:8
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ”


Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona.


Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi, la kgwedi ya pele, ra tloha nokeng ya Ahafa, ra ya Jerusalema. Modimo wa rona a re hlohonolofatsa, mme a re namolela matsohong a sera, le ho ba neng ba re laletse tseleng.


Ho bokwe lebitso la Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle.


Empa ke rona ba phelang ba ka bokang Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle. Haleluja!


Jwalokaha dithaba di teetse Jerusalema hare, le setjhaba sa hae, Morena o se teetse hare jwalo, ho tloha jwale le kamehla yohle.


Iseraele a ke a tshepe Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle.


O baballa ba lokileng tseleng tsa bona, batshepuwa ba hae a ba sireletse.


Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.


“O tla rohakeha ha o kena, o rohakehe ha o etswa!


“O tla hlohonolofatswa ha o kena, o hlohonolofatswe ha o etswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ