Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 121:3 - BIBELE

3 A ke ke a tlohela leoto la hao, a le tlohella ho thella, molebedi wa hao a ke ke a otsela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A ke ke a leseletsa leoto la hao ho kgothometseha; molebedi wa hao a ke ke a otsela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 121:3
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pesalema ya Solomone. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haeba e se Morena ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lelea. Haeba e se Morena ya lebelang motse, ya o lebelang o fadimehela lefeela.


Ho lehlohonolo ya hlokomelang mofutsana; Morena o tla mo lopolla, a mo lopolle mohla tsatsi la tlokotsi.


Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.


Ke yena ya re fileng bophelo, ya sa kang a tlohela maoto a rona, a a tlohella ho thella.


A tla o kgakeletsa ka diatla tsa wona, esere leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe.


O baballa ba lokileng tseleng tsa bona, batshepuwa ba hae a ba sireletse.


O tla tsamaya o sireletsehile, leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.


hobane Morena ke yena letshepa la hao, leoto la hao le ke ke la wela lerabeng.


Ke nna Morena, mohlokomedi wa sona, ke se nwesetsa ka dinako tsohle, ke se lebela motsheare le bosiu, hore ho se be le ya mong ya ka se senyang.


Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.


O tataisa maoto a bahalaledi ba hae, athe ba kgopo ba tla timella lefifing, hobane motho ha a hlole ka matla a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ