8 Ke wena Morena, ya re lebelang, ya re sireletsang kamehla molokong ona,
8 Ha bobe bo phahamiswa hara batho, bakgopo ba itsamaela hohle.
Ke bana ba mawatla, bo-mohloka-lebitso, ba lelekilwe lefatsheng, hara batho.
Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo.
“Kgosi ya Siria e tla hlahlangwa ke monna ya kgopo, ya sa lokelang ho ba kgosi. Monna eo o tla tla a sa lebellwa, a ikgapele mmuso ka bolotsana.
Efraime o hateletswe, o hlotswe ke nyewe, hobane a ne a batla thuso, a e batla ho medingwana.
Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”