Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:99 - BIBELE

99 Ke hlalefile ho feta bohle ba nthutileng, hobane ke nahana ditemoso tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

99 Ke na le kutlwisiso e fetisang ya ba nthutang kaofela, hobane dikeletso tsa hao ke nahano ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:99
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hesekiya a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba bonahala ba utlwisisa tshebeletso ya Morena. Ka matsatsi a supileng ba eja, ba etsa dinyehelo tsa teboho, mme ba boka Morena Modimo wa bo-ntata bona.


Ke tla nahana ditaelo tsa hao, ke imamelle ditsela tsa hao.


E, ditemoso tsa hao di a nthabisa, ke baeletsi ba ka.


Baprista ha ba a ka ba re: ‘O kae Morena?’ Ditsebi tsa Molao ha di a hlola di sa ntseba, babusi ba setjhaba le bona ba mphetohela; baporofeta ba porofeta ka lebitso la Baale, ba latela medimo e ke ke ya ba thusa.”


Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.


Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”


Le ka be le se le le ba rutang ba bang jwale, empa le sa ntse le hloka ho rutwa hape dithuto tsa ho qala tsa lentswe la Modimo. Bakeng sa hore le je dijo tse thata, le sa ntse le hloka ho ja lebese.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ