Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:98 - BIBELE

98 Molao wa hao o ntlhalefisa ho feta dira tsa ka, hobane ke na le wona kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

98 Ditaelo tsa hao di ntlhalefisa haholo ho fetisa dira tsa ka, hobane di na le nna kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:98
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke bolokile tshepiso ya hao, ka e boloka ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Ke ikgethetse tsela ya nnete, dikahlolo tsa hao ke di hlokometse.


Ke Morena ya fanang ka bohlale, tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.


Batho ba kgopo ha ba na kutlwisiso ya toka, ba kgumamelang Morena ba na le kutlwisiso ya tsohle.


Ka baka leo, e bolokeng, mme le e phethe, hobane hona ho tla bontsha bohlale ba lona, le kutlwisiso ya lona, mahlong a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle, mme di re: ‘Ruri setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale, se nang le kutlwisiso.’


Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le melao, le ditaelo tse lokileng, jwaloka molao oo wohle, oo ke o hlahisang kapele ho lona kajeno?


Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.


Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang.


Davida o ne a atleha ho tsohle tseo a di etsang, hobane Morena o ne a ena le yena.


Mahosana a Bafilesita a futuha, empa kamehla ha a ne a futuha, Davida o ne a a hlola ho feta balaodi bohle ba Saule, mme lebitso la hae la tuma haholo.


Hohle moo Saule a neng a roma Davida teng, o ne a atleha, hoo Saule a bileng a mo e etsa mookamedi wa bahlabani. Hona ha thabisa setjhaba sohle, le balaodi ba Saule ba mabotho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ