Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:94 - BIBELE

94 Ke wa hao, ako mpholose, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

94 Ke wa hao; o ntopolle! etswe ke batla ditemoso tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:94
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ipiletsa ho wena, ako mpholose; ke tle ke latele ditemoso tsa hao.


Thapelo ya ka e ke e fihle ho wena; ako nnamolele ho ya ka tshepiso ya hao.


Letsoho la hao le ke le nthuse, hoba ke ikgethetse ditaelo tsa hao.


Nthute, ke utlwisise tsela ya ditaelo tsa hao, ke tle ke nahane dimakatso tsa hao.


Ke lakatsa ditaelo tsa hao; ako nnee bophelo ka ho loka ha hao.


Ke tla phela ka bolokolohi, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.


Thusa, Morena! O mpholose, Modimo wa ka, wena ya jabelang dira tsa ka tsohle marameng, ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo.


Ako baballe bophelo ba ka, hobane ke motshepuwa wa hao, pholosa mohlanka wa hao ya o tshepang.


Moratuwa ke wa ka, le nna ke wa hae, o fudisa mohlape wa hae, o o fudisa mehaladitweng.


Morena, yena ya o bopileng, ya o entseng o sa le popelong, ya tla o thusa, o bua tjena: Se tshabe, wena Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Jeshurune eo ke mo kgethileng.


E mong o tla re: ‘Nna ke wa Morena;’ e mong yena a ipitse ka lebitso la Jakobo, wa boraro a ngole, a ngole ka letsoho la hae a re: ‘Nna ke wa Morena!’ ebe o ipitsa ka lebitso la Iseraele.”


Mphodise, Morena, mme ke tla fola, mpholose, Morena, mme ke tla pholoha, hobane ke wena eo ke mo rorisang.


Morena Modimo wa hao, o na le wena, ke senatlahadi se tla o lwanela. O tla o thabela ka nyakallo, a o rate ka lerato la sebele, a howeletse, a o hlabele medidietsane, a e hlabe sa mohla tsatsi la mokete.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ