92 Hoja Molao wa hao e ne e se thabo ya ka, nka be ke timeditswe ke ho hlopheha ha ka.
92 Hola molao wa hao o sa ka wa nthabisa, nka be ke fedile bomadimabeng ba ka.
Ke fihletswe ke matshwenyeho, ke fihletswe ke matswalo, empa melao ya hao ke thabo ya ka.
Ke thabela ho phetha thato ya hao, nke ke ka lebala lentswe la hao.
E, ditemoso tsa hao di a nthabisa, ke baeletsi ba ka.
Ho hlopheheng ha ka se ntshedisang ke sena: Tshepiso ya hao e nnea bophelo.
Lerato la hao le ke le nketele, ke tle ke phele, hobane ke thabela Molao wa hao.
Ruri Morena o tla ntswela molemo, a ntswele molemo lefatsheng la ba phelang.
Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo.