Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:9 - BIBELE

9 Mohlankana a ka hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 BETH. Mohlankana o tla hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentswe la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:9
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Jwale wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: ‘O ke ke wa hloka mohlahlami ya tla dula teroneng ya Iseraele, ha feela bara ba hao ba ka hlokomela metsamao ya bona, ba latela melao ya ka jwalokaha o ile wa etsa.’


Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla.


O nqosa ka tse bohloko, o nkotlela makgopo a botjha ba ka.


Ke bolokile tshepiso ya hao, ka e boloka ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Ho ya ka mantswe a tswang molomong wa hao, ke qobile mekgwa ya dinokwane.


Nteballe dibe le ditlolo tsa botjha ba ka, nkgopole ka mohau wa hao.


Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa, ba batlang Morena ba ke ke ba hloka, ba ke ke ba hloka letho le molemo.


Mora wa ka, ha baetsadibe ba o hohela, o se ke wa ineela ho bona.


Ya se nang tsebo o tla hlalefiswa ke wona, mohlankana a rue tsebo le kelello.


O tla baballwa ke ho ba le kelello, kutlwisiso e o sireletse,


Bana, mamelang thuto, thuto ya ntata lona, le e ele hloko, e tle le ruise kutlwisiso.


Ka tadima hara ba se nang tsebo, ka bona mohlankana ya hlokang kutlwisiso,


Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.


“Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela lefatsheng le hole, mme teng a hafa leruo la hae ka ho phela habohlaswa.


Lona le se le hlwekile ka baka la lentswe leo ke le buileng ho lona.


“Ha kgosi eo e se e dutse hodima terone ya mmuso wa yona, e tle e ingolle Molao ona o bukeng e bolokilweng ke baprista ba Balevi.


Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.


Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ