86 Melao ya hao yohle ke ya nnete; empa bona ba ntlhorisa ka mashano, ako nthuse.
86 Ditaelo tsa hao kaofela ke nnete. Ba ntlhorisa feela; o ke o nthuse!
Ako nthuse, Morena, Modimo wa ka, o mpholose ka mohau wa hao,
kahoo ke latela ditaelo tsa hao tsohle, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano.
Temoso tseo o faneng ka tsona di lokile, di tshepahala haholo.
Ho loka ha hao ke ho loka ha kamehla, Molao wa hao ke nnete.
Wena Morena, o haufi, mme melao yohle ya hao ke nnete.
Baikgohomosi ba ntubang, ba ntubang ka mashano, ba ke ba hlajwe ke dihlong, empa nna ke tla nahana ditaelo tsa hao.
Morena, ako nnamolele, o nnamolele direng tsa ka, hobane ke tshabetse ho wena.
Melao ya Morena e lokile, e hlatswa pelo; taelo ya Morena e hlakile, e edisa mahlo.
Ba itshemmeng bora ho nna ba se ithabise ka nna, ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba se nnyemotse;
Ba ntjhehile ka leraba ntle ho lebaka, ba ntjheketse lemena ntle ho lebaka.
Ke bolela molato wa ka, ke swabela sebe sa ka.
Bohle ba o batlang ba ke ba nyakalle, ba o thabele. Ba ratang ho pholoswa ke wena ba nne ba re: “Modimo o moholo!”
Na botle bo ka buseletswa ka bobe? Baqosi ba ka, ba ntjheketse lemena! Hopola, ke ile ka ema kapele ho wena, ka ba buella ho ba faposa kgalefo ya hao.
Ka hona molao o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.