81 Moya wa ka o ngongorehela ho pholoswa ke wena, ke tshepile lentswe la hao.
81 KAF. Moya wa ka o labalabela poloko ya hao; ke ntse ke lebeletse pallo ya hao.
ke yena eo ke tla fela ke mmone ka seqo, ke mmone ka mahlo a ka ke sa romeletsa. Ka pelo ya ka yohle ke labalabela hoo!
O setshabelo sa ka le thebe ya ka, ke tshepile lentswe la hao.
Moya wa ka o ngongorehela dikahlolo tsa hao ka nako tsohle.
Ke lakatsa ditaelo tsa hao; ako nnee bophelo ka ho loka ha hao.
Morena, ako ntshitse ka mohau wa hao, o mpholose ho ya ka tshepiso ya hao;
ke tle ke tsebe ho araba ba nnyefolang, hobane ke tshepile lentswe la hao.
Nthuse, ke bue nnete feela, hobane ke tshepile dikahlolo tsa hao.
Ba o tshabang ba tla mpona, ba mpone ba thabe, hobane ke tshepile lentswe la hao.
Lerato la hao le ke le nketele, ke tle ke phele, hobane ke thabela Molao wa hao.
Ke tshepile Morena, moya wa ka o tshepile lentswe la hae.
Leha mmele wa ka le pelo ya ka di ka fela, Modimo ke lefika la ka le kabelo ya ka kamehla.
Meaho ya hao e rateha hakaakang, wena Morena wa mabotho!
Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya: Ha le fumana moratuwa le tla reng ho yena? Mmolelleng hore rato lena le a nkudisa.