Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:80 - BIBELE

80 Pelo ya ka e ke e phethe thato ya hao ka ho tlala, ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

80 Pelo yohle ya ka a e ke e ineele dikomelo tsa hao, hore ke se ke ka hlabiswa dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:80
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A etsa bobe, hobane o ne a sa ikemisetsa ho sebeletsa Morena.


Le hoja Asa a sa ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, naheng ya Iseraele, empa o nnile a tshepahala ka pelo ya hae yohle, ka nako yohle ya ho phela ha hae.


Amasiya a kgahlisa Morena, feela e seng ka pelo ya hae yohle.


Nke ke ka hlajwa ke dihlong, ha ke hlokomela melao yohle ya hao.


Ako ntshireletse hobane ke hloka kodi, ke lokile; hobane ke o lebeletse, Morena.


Ho lehlohonolo motho eo Morena a sa mmalleng molato, eo moya wa hae o se nang thetso.


Baballa pelo ya hao, e baballe ho feta tsohle, hobane ke yona diba sa bophelo.


Ke tla le ntsha kahara motse ona, ke neelane ka lona matsohong a baditjhaba, mme ke le ahlole!


Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!”


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


“Ka letsatsi lena, Morena Modimo wa hao, o o laela hore o phethe melao ena, le ditaelo tsena. Ka baka leo, o tla di boloka, o di phethe ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle.


Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ