79 Ba o tshabang ba ke ba kgutlele ho nna, le ba tsebang ditemoso tsa hao.
79 Ba o tshabang a ba ke ba kgutlele ho nna, mme ba tla tseba dikeletso tsa hao!
Ke motswalle wa bohle ba o tshabang, le wa ba bolokang ditaelo tsa hao.
Ba o tshabang ba tla mpona, ba mpone ba thabe, hobane ke tshepile lentswe la hao.
Ako mamele sello sa ka, hobane ke kokobeditswe haholo. Nnamolele ho ba ntlhorisang, hobane ba mpheta ka matla.
Thusa, Morena, o ntse o halefile! O tsohele dira tsa ka tse bohale, o di tsohele matla; tsoha Modimo wa ka, wena ya dihang kahlolo.