74 Ba o tshabang ba tla mpona, ba mpone ba thabe, hobane ke tshepile lentswe la hao.
74 Ba o tshabang, ha ba mpona, ba thaba, hobane ke tshepile pallo ya hao.
Re pholose ka letsoho la hao le letona, o re utlwe, baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe.
Ke tsoha e sa le ka madungwadungwana, ke lle ho wena, hobane ke tshepile mantswe a hao.
ke tle ke tsebe ho araba ba nnyefolang, hobane ke tshepile lentswe la hao.
Nthuse, ke bue nnete feela, hobane ke tshepile dikahlolo tsa hao.
Ba o tshabang ba ke ba kgutlele ho nna, le ba tsebang ditemoso tsa hao.
Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona.
Ba tshabang Morena ba nnile ba buisana, mme Morena a ba utlwa, a ba sekehela tsebe. Yaba bukeng e kapele ho yena ho ngolwa ba mo tshabang, ba hlomphang lebitso la hae.
Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.”