Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka.
Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”
Empa ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi. Ke Ehude, mora wa Gera wa Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba mo roma ho isetsa Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo.