65 Morena, o entse tse molemo, wa di etsetsa mohlanka wa hao, ho ya ka lentswe la hao.
65 TETH. Jehova, o etsetsa mohlanka wa hao molemo kamoo o mmaletseng kateng.
“Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.
Moya wa ka, ako boele o kgatholohe, hoba Morena o o etseditse tse molemo.
Etsetsa mohlanka wa hao tse molemo, ke tle ke phele, ke mamele lentswe la hao ka hloko.
Ha e le nna, ke tshepile mohau wa hao; pelo ya ka e ke e nyakalle hobane o mpholositse.
yena ya nthutang ho lwana, yena ya nthutang ho hula seqha sa lethose.
Ako nkutlwe, Morena, mme o nkgauhele; Morena, ako be mothusi wa ka!”