Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:57 - BIBELE

57 Morena, ke itse kabelo ya ka ke ho mamela mantswe a hao ke a mamele ka hloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

57 KHETH. Jehova ke kabelo ya ka; ke re ke tla boloka mantswe a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:57
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ikanne, ke eme ke tiile: Ke tla ya ka kahlolo tsa hao, kahlolo tsa hao tse lokileng.


Tlohang ho nna, lona ba etsang bobe, ke boloke melao ya Modimo wa ka.


Ho lehlohonolo ba latelang ditemoso tsa hae, ba mmatlang ka pelo tsohle tsa bona;


Ke tadima ka tsohong la ka le letona: Ha ho ya ntsotellang; ha ho moo nka tshabelang teng, ha ho motho ya nnatsang.


Morena, ke wena lefa la ka le mohope wa ka; tseo ke nang le tsona di tswa ho wena.


tseo ke di buileng ka molomo wa ka, ka di bolela ke le matshwenyehong.


Leha mmele wa ka le pelo ya ka di ka fela, Modimo ke lefika la ka le kabelo ya ka kamehla.


Modimo wa Jakobo yena ha a tshwane le yona, hobane ke yena Mmopi wa tsohle; o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.


Ka pelong ya ka nna ke re: “Morena ke yena kabelo ya ka, kahoo ke itshepetse yena feela.”


Balevi ha ba na ho ba le lefa jwaloka bana babo bona. Morena ke yena lefa la bona, jwalokaha a buile ho wena.


Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”


Morena ke yena ya ileng a falatsa ditjhaba tsohle tse neng di le kapele ho rona, le Baamore ba neng ba ahile naheng ena. Ka baka leo, le rona re tla sebeletsa Morena, hobane ke yena Modimo wa rona.”


Setjhaba sa re ho Joshua: “Tjhe, re tla sebeletsa Morena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ