51 Baikgohomosi ba ntlaka haholo, empa ha ke furalle Molao wa hao.
51 Baikakasi ba tsheha ka nna haholoholo, empa ha ke kgelohe molao wa hao.
Mehato ya ka e hodima mehato ya hae, ke tsamaile tseleng ya hae, ha ke a e kgeloha.
Ba bangata ba ntlhorisang, le ba ntwantshang ba bangata, empa ha ke furalle ditemoso tsa hao.
O kgalemela baikgohomosi, baikgohomosi ba rohakehileng, ba kgelohang melao ya hao.
Ke kgomaretse ditemoso tsa hao; oho, Morena, ke se ke ka hlajwa ke dihlong.
Le hoja baikgohomosi ba nneta ka leshano, ke tla boloka ditaelo tsa hao, ke di boloke ka pelo ya ka yohle.
Tsena tsohle di re wetse hodimo tsa re wela re sa ka ra o lebala, re sa ka ra roba selekane sa hao.
“Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.
Ha a ka ke a thekesela kapa a nyahama pelo, ho fihlela a tsitsisa toka lefatsheng. Dihlekehleke di tla itshepela molao, di itshepele molao wa hae.”
Morena, o ile wa nthetsa, ka thetseha, wena o matla ho mpheta, mme o ntlhotse. Tsatsi lohle ba ntlepa ditsheho, motho ka mong o nnyekoletsa melomo.
Batho ba ne ba eme ba tadimile. Le babusi ba ne ba mo phoqa, ba re: “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo, a ipholose!”