Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao, di ile tsa ka bohobe ho nna, ka di ja, ya eba thabo le monyaka wa pelo ya ka, hobane nna ke bitswa ka lebitso la hao, oho, wena Morena, Modimo wa mabotho!
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang,
Leha nka phela hara ditsietsi, wena o baballa bophelo ba ka; letsoho la hao le ntshireletsa bohaleng, bohaleng ba dira tsa ka, letsoho la hao le letona le a mpholosa.