Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:49 - BIBELE

49 Hopola lentswe leo o le buileng, wa le bua ho mohlanka wa hao, hobane le nneile tshepo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

49 ZAIN. O elellwe pallo ya hao ho mohlanka wa hao, eo ke tshepisitsweng ka yona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:49
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a rapela, a re: “Modimo wa ntate Aborahama, le Modimo wa ntate Isaka, wena Morena ya itseng ho nna: ‘Kgutlela naheng ya heno le ho bang ka wena, mme ke tla o tswela molemo’,


Modimo a hopola Nowe, le diphoofolo tsohle tse hlaha, le makgomo wohle a neng a ena le yena ka arekeng. Jwale Modimo a fokisa moya hodima lefatshe, mme metsi a bohlela.


Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ”


“Jwale he, wena Morena Modimo, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahetse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng.


“Modimo, hopola: Phelo ba ka bo ka moya feela, mahlo a ka ha a ka ke a bona tse molemo hape.


Mmineleng, le mo roke, le nahane dimakatso tsa hae tsohle.


Ke hobane o ne a hopotse tshepiso, tshepiso ya hae e halalelang, ho Aborahama, mohlanka wa hae.


Morena, ako nkgopole, ha o sitsa setjhaba sa hao, o nketele, o tlo mpholosa.


A hopola selekane sa hae le bona, a ba hauhela ka baka la rato la hae le leholo.


Ke tsoha e sa le ka madungwadungwana, ke lle ho wena, hobane ke tshepile mantswe a hao.


Nthuse, ke bue nnete feela, hobane ke tshepile dikahlolo tsa hao.


Ba o tshabang ba tla mpona, ba mpone ba thabe, hobane ke tshepile lentswe la hao.


Moya wa ka o ngongorehela ho pholoswa ke wena, ke tshepile lentswe la hao.


Empa nna nke ke ka kgaotsa ho o tshepa, ke tla eketsa ho o rorisa.


“Ke beile balebedi hodima marako a hao, wena Jerusalema, ba ke keng ba kgutsa motsheare le bosiu: Lona ba rapelang Morena le se ke be la kgutsa,


Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.


Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.


Ke ka yena le dumelang ho Modimo ya mo tsositseng bafung, a ba a mo nea tlotla, e le hore tumelo le tshepo ya lona di tle di be ho Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ