40 Ke lakatsa ditaelo tsa hao; ako nnee bophelo ka ho loka ha hao.
40 Bona, ke hlolohetswe ditemoso tsa hao; o mphedise ka ho loka ha hao!
Ke kokobeditswe ka ho fetisisa; oho, Morena, ako nnee bophelo ho ya ka lentswe la hao.
Morena, mamela lentswe la ka, o le mamele ka baka la mohau wa hao, o nnee bophelo ho ya ka kahlolo ya hao.
Lerato la hao le leholo, Morena; ako nnee bophelo ho ya ka dikahlolo tsa hao.
Morena, bona kamoo ke ratang ditaelo, ke ratang taelo tsa hao kateng! Ako nnee bophelo ho ya ka mohau wa hao.
Moya wa ka o ngongorehela dikahlolo tsa hao ka nako tsohle.
Ke rapaletse leroleng; ako nnee bophelo ho ya ka lentswe la hao.
Faposa mahlo a ka, a se ke a bona tsa mafeela, o nnee bophelo tseleng ya hao.
Eka nka tiya metsamaong ya ka, ka phetha thato ya hao.
Ako nnee bophelo ka mohau wa hao, ke latele ditemoso tse tswang ho wena.
Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”
Yaba ntata ngwana o a howa, o re: “Ke a dumela; thusa ho hloka tumelo ha ka!”
Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.
Jwalokaha Ntate a tsosa bafu, a ba phedisa, le Mora o phedisa jwalo bao a ratang ho ba phedisa.
Ke motho ya soto hakaakang! Ke mang ya tla ntokolla boemong boo bo nkisang lefung?
hobane Mangolo a re: “Motho wa pele, Adama, ya eba sebopuwa se phelang;” Adama wa mehla ya bofelo ke yena moya o phedisang.
Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.
Ditakatso tsa botho di lwantshana le tsa Moya, le tsa Moya di lwantshana le tsa botho. Di hanyetsana hoo le sitwang ho etsa seo le se ratang.
o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.
Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.