Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:39 - BIBELE

39 Ntlose sekgobo seo ke se tshabang, hobane dikahlolo tsa hao di lokile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Suthisetsa sekgobo seo ke se tshabang hole le nna, hobane dikahlolo tsa hao di tletse molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:39
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ka lebaka la hobane o nyedisitse Morena ka ho etsa ntho ena, ngwana enwa eo o tla mo tswallwa, yena o tla shwa.”


Mahlo a ka a motela ke ho lebella ho pholosa ha hao, le ho lebella tshepiso ya hao, tshepiso ya hao e lokileng.


Ke ahlamisa molomo wa ka, ke sisa pelo ke ho labalabela melao ya hao.


Moya wa ka o ngongorehela dikahlolo tsa hao ka nako tsohle.


Ako tlose sekgobo le nyediso ho nna, hobane ke latela ditemoso tsa hao.


Ke kgomaretse ditemoso tsa hao; oho, Morena, ke se ke ka hlajwa ke dihlong.


Nthuse, ke bue nnete feela, hobane ke tshepile dikahlolo tsa hao.


Morena, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile; mme leha o nkokobeditse, wena o a tshepahala.


Melao ya Morena e lokile, e hlatswa pelo; taelo ya Morena e hlakile, e edisa mahlo.


Jwale, Morena, ekaba ke sa lebeletseng? Tshepo ya ka e ho wena.


Ke ipiletsa ho Modimo, Ya Hodimodimo, yena Modimo ya nketsetsang tsohle.


esere ha a utlwa a o tlontlolla, botumo bo bobe bo se hlole bo o hlakoha.


Oho, Morena, re o emetse, re tsamaya tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le botumo ba hao ke tsona tseo re di labalabelang.


Re tseba hore Modimo o ahlola ka nepo ba etsang tse jwalo.


Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le melao, le ditaelo tse lokileng, jwaloka molao oo wohle, oo ke o hlahisang kapele ho lona kajeno?


Eka kgona a buuwe hantle ke ba kantle ho kereke, esere a wela ho tse mo tlontlollang, le lerabeng la Diabolosi.


Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.


O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.


hobane dikahlolo tsa hae ke tsa nnete, di lokile. O ahlotse seotswa se seholo, se sentseng lefatshe ka bootswa ba sona, mme a lefeletsa madi a bahlanka ba hae ka sona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ