Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:31 - BIBELE

31 Ke kgomaretse ditemoso tsa hao; oho, Morena, ke se ke ka hlajwa ke dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ke kgomaretse dikeletso tsa hao: Jehova, etsa hore ke se ke ka hlabiswa dihlong!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:31
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tlohang ho nna, lona ba etsang bobe, ke boloke melao ya Modimo wa ka.


Ke tla hlompha melao ya hao, ke nahane thato ya hao.


Nke ke ka hlajwa ke dihlong, ha ke hlokomela melao yohle ya hao.


Pelo ya ka e ke e phethe thato ya hao ka ho tlala, ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong.


ke rapela wena Modimo wa ka. Ke o tshepile, ke se ke ka hlajwa ke dihlong; dira tsa ka di se ke tsa ntsheha.


Ako baballe bophelo ba ka, o nnamolele, ke se ke ka hlajwa ke dihlong, kaha ke tshabela ho wena.


Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.


Empa Iseraele o tla pholoswa ke Morena, a mo pholose ka pholoho ya mehla yohle, le ka mohla a ke ke a hlajwa ke dihlong, kapa a tlontloloha kamehla yohle.


Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”


Bahlorisi ba ka ba ke ba hlabiswe dihlong, nna ke se ke ka hlabiswa dihlong; etsa hore bona ba tshohe haholo, nna ke se ke be ka tshoswa ke letho. Ako ba tlisetse tsatsi la ditlokotsi, timetso ya bona o e phethahatse habedi.


Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete;


Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,


mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Le tshabe Morena Modimo wa lona. Le mo sebeletse, le mo kgomarele, le hlapanye ka lebitso la hae.


“Ha le ka la boloka ka hloko melao ena yohle, eo ke le laelang yona, la e phetha, la rata Morena Modimo wa lona, la tsamaya ditseleng tsohle tsa hae, mme la mo kgomarela;


Empa lona ba ileng ba kgomarela Morena Modimo wa lona, le ntse le phela bohle, le kajeno-ya-bokajeno.


Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ