“Nka buisana le mang ka mo eletsa? Ke mang ya tla ke a mmamele? Tsebe tsa bona ke tsa leshoma, kahoo ha ba ka ke ba utlwa. Ntswe la Morena ba a le nyedisa, thabo ha ba e fumane ho lona.
Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.
Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.