Le ka ithorisa jwang ha le mamella dikotlo hobane le entse dibe? Empa ha le mamella mahloko, leha le ntse le etsa tse ntle, hona ho hotle mahlong a Modimo.
Nabale a araba bahlanka ba Davida, a re: “Davida ke mang? Mora wa Jese yena ke mang? Mehleng ena ho na le bahlanka ba bangata, ba thobelang beng ba bona.
Ha Davida a utlwa hore Nabale o shwele, a re: “A ho bokwe Morena, ya pheteditseng tlhapa eo Nabale a ntlhapaotseng ka yona, ya ileng a thibela mohlanka wa hae hore a se ke a etsa bobe, ya entseng le hore Nabale a jewe ke bokgopo ba hae.” Yaba Davida o bua le Abikaele ka tsa ho mo nyala.