Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:18 - BIBELE

18 Ntutubolle mahlo, ke bone dimakatso tsa Molao wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 O tutubolle mahlo a ka, ke tle ke bohisise mehlolo e patilweng molaong wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:18
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke bone hore tsohle tse phethehileng di na le bofelo, empa Molao wa hao ha o na moedi.


Ka tsatsi leo, bo-tutu ba tla utlwa polelo tsa buka, leha difofu di le lefifing, di le botshong, mahlo a tsona a tla bona.


Mahlo a ba bonang a ke ke a fifala, tsebe tsa ba utlwang di tla mamela.


Mahlo a difofu a tla tutubollwa, ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe;


Ke mo ngoletse melao e se nang palo, empa o e tadima e le ntho tsa basele.


Ke ka baka lena ke buang le bona ka ditshwantsho, hobane leha ba bona, ha ba bone, mme leha ba utlwa, ha ba utlwe, leha e le ho utlwisisa.


Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.


Tsa re ho yena: “Morena, re batla ho foufollwa.”


Yaba Jesu o re: “Ke tletse kahlolo lefatsheng lena, hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba foufale.”


O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”


Molao wa Moshe e bile seriti feela sa tse molemo tse tlang ho tla, e seng setshwantsho sa nnete sa dintho tseo. Ka mahlabelo wona ao, a nyehelwang ka selemo le selemo hoyahoile, Molao ha o ka ke wa etsa hore ba nyehelang ka wona ba phethehe.


Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.”


Jwale ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, e le hore o tle o rue. O ithekele le diaparo tse tshweu, e le hore o ikapese, bofeela ba hao bo dihlong bo tle bo se ke ba bonahala. O ithekele le setlolo sa mahlo, e le hore o tle o boele o bone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ