Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:173 - BIBELE

173 Letsoho la hao le ke le nthuse, hoba ke ikgethetse ditaelo tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

173 Letsoho la hao a le ke le nthuse, hobane ke ikgethetse ditemoso tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:173
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.


Ditemoso tsa hao ke lefa la ka la mehla yohle, ke thabo ya pelo ya ka.


Nthuse, ke tle ke pholohe, ke nne ke thabele ho phetha thato ya hao.


Ke ikgethetse tsela ya nnete, dikahlolo tsa hao ke di hlokometse.


Ntsamaise tseleng ya melao ya hao, hobane ke a e thabela.


Ke lakatsa ditaelo tsa hao; ako nnee bophelo ka ho loka ha hao.


Ke wa hao, ako mpholose, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.


Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri, hobane Morena o ba nenesa ka letsoho.


Kaha ba hloile tsebo, ba ikgethetse ho se tshabe Modimo;


Yaba ntata ngwana o a howa, o re: “Ke a dumela; thusa ho hloka tumelo ha ka!”


empa ho hlokeha ntho e le nngwe: Maria o ikgethetse se molemo, seo a ke keng a se amohuwa.”


empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.


“Kajeno lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa ka tsa hore ke beile kapele ho lona bophelo le lefu, tlhohonolofatso le thohako; ka baka leo, ikgetheleng bophelo, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le phele.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.


Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”


Joshua a boela a re ho setjhaba: “Lona, ka bolona, le a ipakela hore le ikgethetse ho sebeletsa Morena!” Sa re: “E, re dipaki!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ