Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:17 - BIBELE

17 Etsetsa mohlanka wa hao tse molemo, ke tle ke phele, ke mamele lentswe la hao ka hloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 GIMEL. O etse mohlanka wa hao hantle, ke tle ke phele, ke boloke lentswe la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:17
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moya wa ka, ako boele o kgatholohe, hoba Morena o o etseditse tse molemo.


Mmatlafatse ho ya ka tshepiso ya hao, ke tle ke phele; o se ke wa ntshwabisa, hobane ke o tshepile.


Tshwara mohlanka wa hao hantle ho ya ka mohau wa hao, o nthute thato ya hao.


Retelehela ho nna, o nkgauhele, jwalokaha ho lokela ba ratang lebitso la hao.


Ditemoso tsa hao di lokile kamehla; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke phele.


A nke ke phelele ho o rorisa, dikahlolo tsa hao di ke di nthuse.


Ho lehlohonolo ba latelang ditemoso tsa hae, ba mmatlang ka pelo tsohle tsa bona;


Morena, o entse tse molemo, wa di etsetsa mohlanka wa hao, ho ya ka lentswe la hao.


Lerato la hao le ke le nketele, ke tle ke phele, hobane ke thabela Molao wa hao.


Ha e le nna, ke tshepile mohau wa hao; pelo ya ka e ke e nyakalle hobane o mpholositse.


Mohaung wa hae o kgaphatsehang, rona bohle re amohetse mohau hodima mohau,


Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.


Modimo wa ka o tla le sitsa ka tsohle tseo le di hlokang, ho ya ka bongata ba maruo a hae, ka Kreste Jesu.


Kaha le tseba hore o lokile, le lokela ho tseba hore mang le mang ya etsang tse lokileng o tswetswe ke yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ