166 Morena, ke lebeletse hore o mpholose, ke tle ke phethe melao ya hao.
166 Jehova, ke lebeletse poloko ya hao, ke ntse ke ya ka ditaelo tsa hao.
“Ke lebeletse ho pholoswa ke wena, Morena.
Morena, ke lakatsa ho pholoswa, ho pholoswa ke wena; Molao wa hao ke thabo ya ka.
Moya wa ka o ngongorehela ho pholoswa ke wena, ke tshepile lentswe la hao.
Tshabang Modimo, le se hlole le etsa sebe; tholang, mme le thuise tsena ka dipelong, le di thuise ha le le diphateng.
Ya nnyehellang ka sehlabelo sa teboho ka sona o a ntlotlisa, ya tsamayang ka ho loka ke tla mmontsha kamoo Modimo a pholosang kateng.”
Ho molemo ha motho a eba le letshepa, a lebella ka mamello hore Morena a mo pholose.
ha motho a rata ho etsa thato ya ya nthomileng, o tla tseba hore na thuto eo e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.