163 Leshano ke le hloile, ke a le nyonya; Molao wa hao wona ke a o rata.
163 Ke hloile, ke nyonya leshano; empa ke rata molao wa hao.
Ya sebetsang bolotsana a ke ke a phela tlung ya ka; ya bolelang leshano a ke ke a ema kapele ho nna.
Ke na le kutlwisiso ka baka la ditaelo tsa hao, ka baka leo, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano.
Ke hloile bo-temepedi, ke rata Molao wa hao.
kahoo ke latela ditaelo tsa hao tsohle, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano.
Nqobise tsela ya leshano, o nkgauhele ka ho nthuta Molao wa hao.
Ke thabela melao ya hao, mme ke e rata haholo.
Motho ya lokileng o hloile leshano, ya kgopo ha a na dihlong, o a swabisa.
Suthisetsa bolotsana le mashano hole le nna, o se ke wa nthuisa kapa wa mphutsanehisa, o mphepe ka dijo tse ntekaneng;
Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa.
Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.
Ka baka leo, tlohelang leshano, motho ka mong a bue nnete le wa bo, hobane re ditho tsa mmele o le mong.
Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.