16 Ke thabela ho phetha thato ya hao, nke ke ka lebala lentswe la hao.
16 Ke ithabisa ka dikomelo tsa hao, ha ke lebale lentswe la hao.
a mpa a thabela Molao wa Morena, Molao oo a o nahana motsheare le bosiu.
Bophelo ba ka bo kotsing kamehla, empa ha ke lebale Molao wa hao.
Ke bolokile tshepiso ya hao, ka e boloka ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.
Ke thabela ho latela ditemoso tsa hao, ho feta maruo wohle.
Ke monyenyane, ke a nyediseha, empa ditaelo tsa hao ha ke di lebale.
Ke fihletswe ke matshwenyeho, ke fihletswe ke matswalo, empa melao ya hao ke thabo ya ka.
Ako tadime ho hlopheha ha ka, o nnamolele, hobane ha ke a lebala Molao wa hao.
Morena, ke lakatsa ho pholoswa, ho pholoswa ke wena; Molao wa hao ke thabo ya ka.
Ke lelera jwaloka nku e lahlehileng; ako batle mohlanka wa hao, hobane ha ke lebale melao ya hao.
E, ditemoso tsa hao di a nthabisa, ke baeletsi ba ka.
Ntsamaise tseleng ya melao ya hao, hobane ke a e thabela.
Ke thabela melao ya hao, mme ke e rata haholo.
Le hoja maraba a ntshwasitse, maraba a ba kgopo a ntshwasitse, ha ke a lebala Molao wa hao.
Pelo tsa bona di tsherehane, empa nna ke thabela Molao wa hao.
Lerato la hao le ke le nketele, ke tle ke phele, hobane ke thabela Molao wa hao.
Le hoja ke le jwaloka lekuka, lekuka le ka mosing, ha ke a lebala thato ya hao.
Ke moo ke ileng ka re: “Bona, ke a tla. Ho ngotswe ka nna Bukeng ya Molao:
Ha ho sebetswa ka toka ba lokileng ba a thaba, athe ba kgopo bona ba tlalwa ke tshabo.
Mora wa ka, se lebale thuto ya ka, pelong ya hao melao ya ka o e boloke,
Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao, di ile tsa ka bohobe ho nna, ka di ja, ya eba thabo le monyaka wa pelo ya ka, hobane nna ke bitswa ka lebitso la hao, oho, wena Morena, Modimo wa mabotho!
Bothong ba ka ba moya ke thabela Molao wa Modimo,