151 Wena Morena, o haufi, mme melao yohle ya hao ke nnete.
151 empa, wena, Jehova, o haufi; ditaelo tsa hao kaofela ke nnete.
Temoso tseo o faneng ka tsona di lokile, di tshepahala haholo.
Ho loka ha hao ke ho loka ha kamehla, Molao wa hao ke nnete.
Ditemoso tsa hao di lokile kamehla; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke phele.
O tseba ha ke dula le ha ke ema, o hlalohanya mehopolo ya ka, o e hlalohanya ke sa le hole.
Morena o haufi le bohle ba mo rapelang, ba mo rapelang kannete.
Ha ba lokileng ba lla, Morena o a ba utlwa; o ba lopolla matshwenyehong wohle a bona.
Sefela sa bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: Se binwe ka lentswe le lesesanyane.
Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Sefela.
“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.
“Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le Modimo ya haufi le sona, jwaloka Morena Modimo wa rona, ya bang haufi le rona, kamehla ha re ipiletsa ho yena?